15 December, 2010

Tsela e eang ho Ngoana Jesu

Re ntse re tsamaea tseleng e re lebisang naheng ea Betlehema lefatseng la Giudea moo mopholosi oa rona a tsoaletsoeng teng. Rona sehlopha sa bohlano mona collegio Urbano re e qalile ka tsela ena e bonahalang setsoantsong mona: Ho tloha ha  nako ea Advente e qala, re ile ra etsa setsoantso sena se bontsang rona sehlopheng sa rona re tsamaea hoea lehaheng moo ngoana Jesus a hlahetseng teng. Re ea ho ena ea re bitsang a re "TU, SEGUIMI - OENA, NTATELE". Tseleng ena ha re tsamae re le bang, empa re tsamaea le bahalaleli bohle ba Molimo, le marena a bochabela a isetsang ngoana Jesu limpho. Re tsamaea hape le Maria Movirigo 'm'a rona. Mona tseleng, re tsamaea e le rona ka bofokoli, boikokobetso tsohle tsa rona, 'me re ntse re kopa mohau le tsoarelo ho Molimo hobane ena nako ke ea mohau o tsoang ho Molimo, hape ke ea ho khutla mekhoeng kapa litloaelong tse mpe tsa rona re le batho hore re tle re phele ka ho tlala ka ho ea ka thato ea Molimo. Ho phela ka ho tlala ke ho phela ka Lerato. Ha re ntse re tsamaea tseleng ee, re ntse re rapella linaha tsa rona bohle sehlopheng sena sa rona. Ke hore letsatsi le leng le le leng ha re rapela ka chapeleng ena ea rona re beha folakha ea naha e khethetsoeng tsatsi leo 'me re ea e rapella. Tloong bohle, ha re tsamaeng re eo bona lesea lena 'me re hlohonolofale. lawrencematona.blogspot.com

No comments: